MATSHWAO: 120
NAKO: dihora tse 2
Pampiri ena e na le maqephe a 17.
PAMPIRI YA 1 (P1)
KEREITE YA 12
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse NNE:
KAROLO YA A: Tekokutlwisiso 
KAROLO YA B: Kgutsufatso 
KAROLO YA C: Thutapuo le tshebediso ya puo 
KAROLO YA D: Dingolwa 
Araba dipotso TSOHLE.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo e nepahetseng.
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
POTSO YA 1
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
TEMA YA 1
Bala tema ena e latelang ka hloko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
E nngwe ya ditshebeletso tsa kgokahano tse nang le tshusumetso e kgolo setjhabeng ke thelevishene. Boholo ba batho bo sebedisa tshebeletso ena ya thelevishene ho iphumanela tlhahisoleseding le ditaba tse ba hokahanyang le lefatshe. Ke e nngwe ya ditshebeletso tse matla ka ho fetisisa, e fanang le ka boithabiso ka nqa e nngwe.
Batsamaisi ba mananeo le dibohodi tsa thelevishene di tshwanela hore e be batho ba nang le boitshepo bo boholo, mme di lokela ho boheha ka nako tsohle. Mananeo a ratwang haholo thelevisheneng ke a ditshwantshiso. O ka qaboha ha o dutse le motho ya ratang tshwantshiso e itseng haholo. Ha o re o a mo qoqisa, o tla bona a tonetse lebokoso mahlo, le ho utlwa a sa utlwe letho. Helang, ha e sa le ho eba le dipapadi tsa dividiyo kapa tsa khomphutha, ba bang ba bana le baithuti ha ba sa tsotella hakaalo mesebetsi ya bona ya sekolo. Ke ho re motho ha a fihla lapeng, o se a le ho tsona, le dijo a se a sa di hopole.
Homme ditefello tsa tsona ha di jese ditheohelang. Di theko e phahameng, mme le ha ho le jwalo ba di reka ba sa tswa di reka. Akere jwale bonkeka ba di tlwaela kapele, ebe hosane ha ba sa batla ena hobane ba se ba e tseba haholo. Di mefuta e fapaneng. Ho teng tsa thuto ya Senyesemane, Mmetse le tsa Saense. Ho teng tsa dintwa tse tshabehang. Ho be teng tsa marato le tsa dipapadi.
Bahlahisi ba tsona ba kgothaletswa ho eletsa bareki ka sekgahla sa tsona. Ho bolelwa hore ke tsa mofuta ofe, di loketse bomang, ba dilemo dife. A re di etseng mohatla kgwiti. Tsena tsohle ke tse tlisitsweng ka sekgahla ke diphetoho tsa thekenoloji ho tsena tsa dikgokahano.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Kgoro ya puo, MG Molefe et al. 2007:142 - 143
DIPOTSO:
Bolela mofuta wa tshebeletso ya kgokahano eo ho buuwang ka yona mona temeng.
Hobaneng ha batho ba bangata ba sebedisa thelevishene?
Bolela diketso tse PEDI tse sa thabiseng batswadi tse etswang ke baithuti ha ba tswa sekolong.
Batsamaisi ba mananeo le dibohodi di kgothaletswa ho etsa eng? Fana ka ntlha e le NNGWE.
Bolela hore polelo e latelang ke nnete kapa mafosi ho ya ka ditaba tsa tema:
Batho ba rata ho shebella lenaneo la ditshwantshiso feela thelevisheneng.
Tshehetsa karabo ya hao e ho POTSO 1.5.1 (e ka hodimo) ka lebaka.
Hobaneng ha batsamaisi ba mananeo le dibohodi di lokela ho dula di boheha ka nako tsohle?
Polelo ke ena: 'O tla bona a tonetse lebokoso mahlo, le ho utlwa a sa utlwe letho.'
Ke lebaka lefe le etsang hore batho ba bang ba etse ketso e bolelwang polelong ee?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, na kgokahano ya seyalemoya kapa ya thelevishene e matla ho feta ya ho ka ipalla ditaba dibukeng kapa dikoranteng? Hobaneng ha o realo.
Na o dumellana kapa o hanana le ho re bana ba se dumellwe ho shebella dividiyo tse itseng ka lebaka la dilemo tsa bona tse tlase? Fana ka ntlha e le NNGWE e tshehetsang taba ena ho ya ka tjhebo ya hao.
TEMA YA 2
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Papatso
HO SE HO LE TENG TSELA E BOBEBE YA HO OTLOLLA MORIRI
Ba ha PRINCIPAL HAIR DESIGN ba tseba ditlhoko tsa HAO tse ikgethang tsa moriri. Ho bona o ikgethile. Le dihlahiswa tsa bona tsa moriri di ikgethile jwalo feela. Ikgethele PRINCIPAL SODIUM HAIR RELAXERS e dumellanang le moriri wa hao, mme o be motlotlo ka moriri wa hao o bohehang, o phatsimang le ho hlokomeleha ka ho phethahala.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Bona wa Pherekgong 2008
DIPOTSO:
Sehlahiswa se bapatswang temeng e ka hodimo se hlahiswa ke khampane efe?
Bolela molemo o le mong wa ho sebedisa sehlahiswa sena.
Papatso ee e reretswe batho bafe setjhabeng?
Fana ka lebaka bakeng sa karabo ya hao e ho POTSO 1.10.3.
Hobaneng ha lentswe lee 'ikgetha' le sebedisitswe ha ngata tjee papatsong e ka hodimo?
Ke mefuta e mekae ya sehlahiswa see e hlahellang papatsong?
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Bala ditaba tsa tema e latelang, ebe o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 50 ho isa ho a 60 ka dintlha tse SUPILENG tse fupereng mehopolo ya sehlooho e hlalosang ka tshebetso ya keretjhe. Ngola ka mokgwa wa dintlha. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Dilemo tsa ho kena keretjhe, ke nako ya bohlokwa bophelong ba ngwana. Ngwana ha a fihla dilemong tse 6, o se a na le boholo ba bohlale bo hlokehang. Ke nakong ena moo ho ahuwang motheo o nepahetseng thutong ya ngwana. Bana ba lokela ho rutwa boitshwaro bo botle le boikarabelo.
Ba fumana thuto ha ba le sebakeng se etsang hore ba sebedise dikelello. Ke mona keretjheng moo ba lokelang ho ithuta ka papadi. Ba lokela ho thabela ho ba sebakeng sena. Sena se etsahala ha bonolo ha matitjhere, le bana ba bang e le metswalle ya bona. Moya wa lerato, kutlwano le tshepano o tlameha ho ba teng.
Ka ha sebaka seo ba rutelwang ho sona e le sa bohlokwa, keretjhe ha e bulwe hohle. E lokela ho ba sebakeng se siretsehileng. Polokeho ya bana le bahlokomedi ba bona ke ntho ya bohlokwa. Ntle le moo, keretjhe e lokela ho ba sebakeng se kgutsitseng. Hape sebaka seo e be seo batswadi le bana ba ka fihlang ha bonolo ho sona.
Motho ya qalang keretjhe o lokela ho fumana dikeletso. A tsebe hore thuto ya bana e tsamaiswa jwang le mofuta wa matitjhere o lokelang bana ba dilemo tseo. Hape a tsebe hore a sebedise tjhelete jwang. Re lokela ho hopola hore keretjhe ha se sekolo feela ebile ke kgwebo.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Bona, Pherekgong 2008
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO
POTSO YA 3
Bala tema e latelang ka kutlwisiso le ka hloko o nto araba dipotso tsa thutapuo tsohle tse thehilweng hodima yona.
Ha a ntse a nyoloha thaba jwalo a boela a nahana ka thata ka bana bana ba hae bao a setseng ka bona. ''Ke nnete Sebabatso le Paseka ke bana ba basetsana bao ka letsatsi le leng ba tla beng ba nyetswe ke batho. Ebe ha ho ka etsahala hore ba hlolwe ke lenyalo, ba tla phela jwang ha e le mo ke hloleha ho ba ruta? Ha e le Lethoko le Teboho bona hohang ba ne ba lokelwa ke ho rutwa haholo hoja ke ne ke e na le bohona. Banna! Ha o tshaba o tshabe tshotleho. Dintho tsa rona le masimo a rona tsa tla tsa nkuwa ka sehloho. Jwale kajeno re fetohile makgoba lefatsheng la bontatarona. Letsatsi le letsatsi ke tsamaya ke apere diaparo tse malabulabu jwalo ka ha eka ha ke sebetse. Butle, ke utlwang! Ke leswahlaswahla la eng leo? Jwale le ho ba lefifi ho se ho le lefifi, motho ha o sa bona hantle. Ere ke hoeletse. Molelekeng! Molelekeng! Ke nna bo!''
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Ke tlile ke le feela: ME Molahlehi 2006 leq 3
Bala dipolelo tse latelang, o ntano fana ka malatodi a mantswe a ntshofaditsweng.
Ha a ntse a nyoloha thaba jwalo, a boela a nahana ka thata.
Masea a rata lefifi.
Temeng e ka hodimo ho na le mantswe a nang le moelelo o tshwanang (mahlalosonngwe) le a ntshofaditsweng dipolelong tse tla latela: Ngola mahlalosonngwe a mantswe a ntshofaditsweng dipolelong. Ngola karabo feela.
Ke apere diaparo tse marantha.
Ba tla phela jwang ha e le moo ke sitwa ho ba ruta?
Sebabatso le Paseka ke banana.
Tlatsa dikgeo ka mahokedi a nepahetseng.
Lethoko ... lokela ke ho ruteha.
Baradi ... hae ke Sebabatso le Paseka.
O apara malabulabu ka lebaka ... ho hloka diaparo.
Jwale ba fetohile makgoba ... lefatshe.
Polelo ena: 'Ba tla be ba nyetswe ke batho', e boetsuweng. Fetolela dipolelo tsena boetsuweng. Qala polelo e nngwe le nngwe ka mantswe ao o a filweng.
Makgoba a apere diaparo tse malabulabu.
Diaparo ...
Batho ba tshaba tshotleho.
Tshotleho ...
Lentswe lena 'bona' polelong ena ''Lethoko le Teboho bona ba lokela ho rutwa motho o sa bona hantle tjena'' le sebedisitswe ka ditsela tse pedi tse hlahisang meelelo e mmedi e fapaneng. Sebedisa lentswe lena 'rona' dipolelong tsa hao tse pedi tse fapaneng ho totobatsa meelelo e mmedi e sa tshwaneng.
rona rona
Fana ka botona ba lentswe 'basetsana'.
Mohlala: Re fetohile makgoba lefatsheng la bontate
Re fetohile makgoba lefatsheng la bomme.
Polelo ena: 'Ha ke sebetse', e kganyetsong/tatolong. Jwale fetolela dipolelo tsena tse latelang temekisong ya kganyetso/tatolo.
Ke nna bo!
Basetsana ba tla be ba nyetswe.
Ngola dipolelo tse latelang hape empa o lokise sebopeho sa lentswe le ka masakaneng ho etsa hore moelelo o nepahale:
Lethoko le Teboho ba lokela ho (ruta) haholo.
Dintho tsa rona tsa (nka) ka sehloho.
Kajeno re (fetola) makgoba fatsheng labo rona.
Ngola polelo ena e le sebopehong sa puopehelo.
Qala polelo ya hao tjena:
Ntate ...
Boha setshwantsho sena o onto araba dipotso tse tla botswa hodima sona.
E qotsitswe ho tswa makasineng wa Bona, Mphalane 2006
Difahleho tsa batho ba ditshwantshong tse pedi tse qalang di supa maikutlo afe?
Ke ka lebaka lang ha baithuti ba lelekisa Shoti?
Lebaka le etsang seo o se boletseng karabong e ka hodimo ho POTSO ya 3.10.2 ke lefe?
Setshwantshong sa ho qetela Shoti o re: 'Bohle re Maafrika Borwa a motlotlo! Ebe o bolelang ka ho realo?
Ke ka lebaka la eng ha ho sebedisitswe letshwao la makalo dipolelong tse ding?
Halala, ke ne ke o kala kelello! Bohle re Maafrika Borwa a motlotlo! Katleho le mahlohonolo dit hutong tsa hao.
Ba reng?
O lehata la tswalo. Kaofela re itse Afrika Borwa!
Ke ba botsitse hore ke efe naha eo ditlhodisano tsa makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe o tiang ho tshwarelwa ho yona?
POTSO YA 4
Bala tema ena e be o e ngola hape empa o se o lokisitse diphoso tsohle tse hlahellang ho yona, tse jwalo ka matshwao a puo, tshebediso e fosahetseng ya puo le mopeleto.
Ka lehlakoreng la banna, Maredi le yena o ne a etsa jwalo. everyday.
Mooki ya disitseng bosiu o ne a tseba hore Maipato a ka hlwedisa!
Maipato e ne e le modumedi wa sebele wa kereke e khatoloki.
Bosiung bo bong mookgo o ne a iballa khomiki a kgaleha.
Maipato a fihla mme Mookgo a phaphama Maipato a eme pela hae.
A etsa sefapano phatleng jwaloka motho ya neng a rapela
Bala tema ena e latelang ka hloko, e be o araba dipotso tse itshetlehileng kutlwisisong ya hao ya yona.
Nako: Hora ya bobedi
Letsatsi: 4 Motsheanong 2009
Lenanetsamaiso:
Pulo
Ba teng/Ditshwarelo
Tsa letsatsi
Ho hlwekisa motse
Ho kgaoha ha motlakase
Mofuta oo wa tema o ngollwa batho ka sepheo sefe?
Ka tlwaelo memo e tjena e ngolwa ke mang?
Dintlheng tse tsebisang baahi ka kopano ke ntlha efe ya bohlokwa e sa ngolwang memong?
Kgetha karabo e nepahetseng ho tse latelang potsong ena.
Ha ho thwe kopano ke ya tshohanyetso ho bolelwa ho re ke:
Kopano e tshosang baahi.
Kopano e bitsitsweng ka potlako.
Kopano e kgothatsang baahi.
Lentswe lee 'ditshwarelo' le bolela eng?
Ebe mokgwa oo wa ho tsebisa baahi ka tsela ee o lokile? Fana ka lebaka.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
KAROLO YA D: DINGOLWA (Ditshomo)
Dipotso tsohle tsa KAROLO YA D di theilwe hodima dibuka tse pedi. Ho botsitswe dipotso tse pedi empa o lokela ho araba e le NNGWE feela. Kgetha POTSO YA 5 kapa POTSO YA 6.
ELA HLOKO:
Ha o kgetha potso e itseng, araba dipotswana tsa yona KA BOBEDI. Mohlala: Haeba o kgetha ho araba POTSO YA 5, o lokela ho araba dipotswana tse hlahang ho 5.1 le ho 5.2 ka bobedi. Athe ha o kgetha ho araba POTSO YA 6, o lokela ho araba dipotswana tse hlahang ho 6.1 le ho 6.2 ka bobedi.
POTSO YA 5
Bala qotso ena, o nto araba dipotso tse e latelang.
Ba re e ne e re e le Mmutlanyana a ntse a itsamaela naheng. Yaba o utlwa dihohwana di ntse di lla. Jwale a fihla ho se seng a re: 'Kgele, ya tla ya ba monate melodi ke a o jwetsa. A ko letse hape ke utlwe.' Sehohwana sa letsa, sa letsa, sa letsa. Yaba Mmutlanyana o re: 'A ko nkadime le nna ke letse.'
Sehohwana sa hana sa re: 'Phalana ena ya ka ha e ke e tloha ho nna.' Mmutlanyana a re: 'Ke a o rapela hle mokane, nkadime mme ke letse hanyane feela ke o nehe.' Sehohwana sa hana. Yaba Mmutlanyana o a tsamaya. A tsamaya jwalo a swabile, feela a loha mano a ho iphetetsa.
Ka tsatsi le leng Mmutlanyana a fihla hape. A fumana Sehohwana se tswetse ka ntle ho metsi mme se ile le sephume sa boroko. Jwale a re: 'Ke sa tla o laya.' Mmutlanyana a ntsha bokwadi mokotleng wa hae a tlotsa sehohwana hore se hlolwe ke ho ntsha metsi, le hona ho ithoma. Yaba o utswa diphala, o a tsamaya. A di letsa, a di letsa a utlwa monate, jwale sehohwana sa phaphama. Sa batla diphala, sa di batla hohle, mme sa di hloka. Sa lla sa re: 'Phala tsa ka di kae wee?'
Yaba se utlwa di se di letswa ke Mmutlanyana. Sa ya ka mora sefate sa leka ho ntsha metsi le ho ithoma. Sa lla haholo sehohwana sa batho jwale sa re: 'Ke shwelang wee ke Mmutlanyana?'
DIPOTSO:
Bolela mantswe a lelekelang tshomo.
Mophetwa wa sehlooho tshomong ee ke mang?
Ketsahalo ena eo re balang ka yona e ne e etsahalla tikolohong efe?
Mmutlanyana o ile a tshasa sehohwana ka eng e ileng ya etsa hore se hlolehe ho ntsha metsi le ho ithoma?
Qabang ya sehohwana le mmutla e bakilwe ke eng?
Mmutlanyana o ne a le maqheka mme o ile a qhekanyetsa diphoofolo tse mmalwa. Kgetha e le nngwe eo a sa kang a e qhekella ho tsena tse latelang:
Lefiritshwane
Hlolo
Taumoholo
Sehohwana
Ho ya ka ditaba tsa tshomo ena ke mang ya utlwisitsweng bohloko?
Bala qotso ena o nto araba dipotso tse e latelang.
Ba re e ne e re e le monna le mosadi ba se na bana. Mosadi o ne a kile a fumana bana habedi feela bona ba hlokahala ho sa tsejwe hore ba jelwe ke eng. Athe bana ba ipolaelwa ke nkgono wa bona, hobane yena a sa rate mma bona, ngwetsi ya hae.
Ka tsatsi le leng mosadi a fumana ngwana e mong hape. E ne e le ngwana wa ngwanana. Jwale nkgono wa ngwana a re lebitso ke Ditokotoko. E ne e le ngwana ya itswaletsweng hantle jwalo ka bana ba bang, feela a le botle ba ho tsotwa. Yaba nkgonwae o a mo honohela. Ka le leng la matsatsi, ha mmae a ya sedibeng, yaba o kopa matsalae ho tla mo salla le ngwana. Yaba o a tsamaya. Nkgono a thaba haholo hobane ona ke monyetla wa hore a phethe merero ya hae e ditshila.
Yaba nkgono o nka setloholo o ya le sona ha hae. A fihla a nka thipa a se poma le matsoho, yaba o pata ditho tsena hole ngwana a ntse a lla moo habohlokohloko. Yare ha a bona mma lesea a kgutla sedibeng, a potlaka a kgutlela ha ngwetsi.
Lapeng mma ngwana ha a fihla o rola nkgo, mme o utlwa leseanyana la hae le lla. Yaba o re: 'ngwana ka a tla a lla habohloko basadi, mme mo tlise ke mo nyantshe.' Yaba nkgono o ya ho lata ngwana. Ha fihla moo ngwana a robetseng teng, a hoa a re: 'jo nna nna we, ngwana ngwanaka o jelwe keng'.
Bana ba ne ba phethelwa ditshomo ka sepheo se itseng. Bolela bohlokwa bo le bong ba ditshomo boo o bo tsebang.
Ke mang ya neng a ntse a bolaya bana ba monna le mosadi bao ho buuwang ka bona moo?
Ditshomo tsee, di ne di phethwa nakong efe ya letsatsi?
Fana ka lebitso leo nkgono wa ngwana a ileng a mo reha lona ha a hlaha.
Ha ngwana a tla ponngwa matsoho mmae o ne a ile kae?
Lebaka le neng le etsa hore nkgonwae a mo pome matsoho ke lefe? Hlalosa ka botlalo.
Ka puo e tlwaelehileng mantswe aa 'botle ba ho tsotwa', a bolela eng?
KAPA
POTSO YA 6
PELONG YA KA - S Machabe Mofokeng
Bala qotso ena o nto araba dipotso tse e latelang.
Ha ke lebale hlahlobo ya pele eo ke neng ke e ngole bophelong ba ka. Ha ke bua ka hore ke ne ke e ngole, ha ke bue nnete hobane re ne re e ngole. Ke sa hopola hantle letsatsi leo, hobane ke lona letsatsi la pele leo ke le hopolang sekolong. Ka utlwa ke bolellwa hore ke ne ke ye sekolong le kgaitsedi ya ka, ke bapala teng. Ke a bona ke ne ke ithute hona ka nako eo, ke ntse ke bapala jwalo ka bo-a, e, i, o, u empa mohlang oo ke a bona e ne e le mohla ho elang mahlong mona.
Ke sa utlwa hantle mohla lebitso la ka le neng le bitswa mme re emiswa ka ntle. Re bolellwa hore re bale. Ke hopola hantle hore hona mohlang oo ke ne ke bone ditlhaku e se e le mantswe mme ke a bala ha bonolo. Le kajeno ha ke nahana letsatsi leo ke ye ke utlwe hore ka nnete mohlolo o ne o etsahale hona tsatsing leo. Ke eng ena e neng e le ka hloohong ya ka ka mona e entseng hore ditlhaku di bonahale e le mantswe, e leng hona hoo bana ba bang ba neng ba sitwa ho ho etsa? E seng mohlomong ke ne ke ena le ntho e nthusang ka hloohong ka mona, e 'nkopiletsang'?
Hlahlobo eo mopheti a reng a ke ke a e lebala le kgale ke efe?
Ditaba tsa pale ee di ne di etsahalla sebakeng sefe?
Mopheti wa ditaba tse hlahelang moqoqong oo ke mang? Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa ho tse latelang:
Morutwana
Mongodi ka sebele
Mohlahlobuwa
Kgaitsedi ya mopheti
Ke mohlolo ofe oo mopheti a buang ka wona ho ya qetellong ya qotso ee?
Ha lebitso la mopheti le bitswa ho ne ho thwe a etse eng?
Ho ya ka pale ee, o ka re mopheti o ne a le sehlopheng sefe?
Ho ya ka mopheti, o ka re mokgwa oo ba neng ba rutwa ka ona e ne e le ofe? Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa ho tse latelang?
Wa ho bapala
Wa ho sebetsa
Wa ho buisana
Wa ho mamela
Bala ditaba tse latelang ebe o araba dipotso.
Hoba e matla tjhelete, ngwaneso. Ba tsebang ba re e a bua. Ha se feela batho ba bangata ba sebetsang ha boima. Ha se hore ba a rata, ba mpa ba leka hore ba be le e ngatanyana. Ba bang ba bile ba qetella ba sebetsa mesebetsi e itseng, eo pelo tsa bona di sa e rateng, feela hobane e na le tjhelete e ngata. Qetellong re be re fumane motho ya bopetsweng ho sebetsana le dikgomo a sebetsana le batho, a ba tshwere jwalo ka ha eka ke tsona dikgomo. Kapa re makale ha re bona ngaka e hofolaka batho feela ha e re e a ba hlahloba, athe e mpa e le mmetli wa mapolanka kapa majwe, ya fetohileng ngaka ka baka la ho latella tjhelete.
Ke itse batho ba bangata ba sebetsa ha boima moo ba habileng hore ba mpe ba be le tjhelete e ngata. Empa ho ba bangata ekare ha se nnete hore ha o sebetsa haholo ka mehla o tla ba le tjhelete e ngata. Ke ba bakae ba thuhakang, ba kakasakang, ba mathakang ba rongwa, ba hlatswakang tsatsi lohle, ba mpa ba fumana disentenyana di se kae feela? Athe ba bang ba tsohang phoka e se e bile e le siyo, ba kgutlelang hae ha meriti e qala hore e a thea feela, ba e ola ka sekotlolo?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, o ka reha ditaba tsa pale ee sehlooho sefe?
Ho tswa qotsong bolela dintho tse NNE tseo batho ba di etsang ho fumana disentenyana.
Ngaka e hofolakang batho e tshwantshwa le batho bafe ba babedi?
Ke mokgabisopuo ofe o fumanwang moleng oo, 'a ba tshwere jwalo ka ha eka ke tsona dikgomo'? Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa ho tse latelang:
Papiso/Tshwantshanyo
Tshwantshiso
Mothofatso
Pheteletso
Batho ba tsohang phoka e sa letse ke ba tsohang neng? Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa ho tsena:
Ka meso
Thapama
Motsheare
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D:
MATSHWAO A PAMPIRI ENA YOHLE:
